Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Motsotsong oo, ha tla ho bona Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ba re ho bona: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka yona nako eo, bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba fihla ho bo-Serubabele, ba re ho bona: “Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela lerako lee?”

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 5:3
12 Referencias Cruzadas  

Hara lona mang le mang eo e leng motho wa setjhaba sa hae, Modimo wa hae o ke o be le yena, mme a nyolohele Jerusalema naheng ya Juda, mme a hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa Iseraele; ke wona Modimo o leng Jerusalema.


Ho ke ho tsejwe ke morena hore Bajuda ba tlohileng ho wena, ba ba ba tla ho rona Jerusalema, ba haha motse o ikgantshang, o mobe, hape ba se ba ya phetha marako, mme ba tsosa metheo ya wona.


Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bang ba bona, Badine, le Baafarsathake, le Batharpele, le Baafarase, le Baereke, le Bababilona, le Basusane, le Badeha, le Baelame,


Ke yona kopi ya lengolo le neng le rometswe ho morena Dariuse ke Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona ba Afarsa, ba mose o kwano ho noka.


Re botsitse baholo, ra bua le bona, ra re: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo!


Yaba Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, ba ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ha ba bona tse rometsweng ke morena Dariuse, ba phakisa ba etsa ka tsona.


Ha ho le jwalo, lona Thathnai, mmusisi wa naha e mose wane ho noka, le Shethare-Bosnai, le balekane ba lona ba Afarsa ba mose wane ho noka, le itulele hole le moo.


Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?


Eitse hobane ba emise baapostola hara bona, ba ba botsa, ba re: Le entse hoo ka matla afe, kapa ka lebitso lefe na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos