Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 3:8 - BIBELE

8 Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Selemong sa bobedi sa ho fihla ha bona tlung ya Modimo o Jerusalema, ka kgwedi ya bobedi, Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake, le banababo bona ba bang bao e leng baprista le Balevi, le bohle ba neng ba kgutletse Jerusalema ba etswa kgolehong, ba qala ho sebetsa. Ha bewa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele hore ba tsamaise mosebetsi wa ntlo ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 3:8
14 Referencias Cruzadas  

Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi.


Bara ba Jekoneya, ya ileng a thopuwa, a iswa Babilona, e ne e le Shealetiele,


Bara ba baprista, ba ileng ba fumanwa ba nyetse basadi ba baditjhaba, ke bana: Hara bara ba Jeshua, mora wa Josadake, le ba bana babo, e ne e le Maasiya, le Eleesere, le Jaribe, le Gedaleya.


Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:


Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo.


Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.


Empa bo-Serubabele, le Jeshua, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba re ho dira tseo: “Le ke ke la haha Tempele ya Modimo wa rona le rona. Ke rona feela ba tla hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, jwalokaha Siruse, kgosi ya Peresiya, a re laetse.”


“ ‘Jwale Sheshebasare eo o ile a fihla, a rala motheo wa Tempele ya Modimo e Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno, haesale e ntse e hahuwa, empa ha e eso fele.


Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


“Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos