Esdrase 3:9 - BIBELE9 Yaba Jeshua le bara ba hae, le bana babo, le Kademiele le bara ba hae, e leng bara ba Juda, ba okamela basebetsi ba hahang Tempele ya Modimo. Ba ne ba thuswa ke bara ba Henadade, le bana babo bona, e leng Balevi. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Kahoo, Joshua, le bara ba hae le banababo, le Kadmiele le bara ba hae, e leng bana ba Juda, ba ema jwaloka eka ke motho a le mong, hore ba tsamaise ba etsang mosebetsi wa ntlo ya Modimo, ba ena le bara ba Henadade, le bara ba bona le banababo, e leng Balevi. Ver Capítulo |
Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena.