Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:18 - BIBELE

18 Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 bona, hosasa, ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo ka ho fetisisa, seo ho esong ho be se jwalo Egepeta, haesale e eba teng ho fihlela la kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:18
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.”


hosasane, ka yona nako ena, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba tlo hlahloba ntlo ya hao, le matlo a bahlanka ba hao, mme ba inkele ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya bohlokwa ho wena, ba tsamaye ka yona.’ ”


Yaba Elisha o re: “Mamela mantswe a Morena! O bua tjena: ‘Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tharo tse phofo e thumisehileng ya koro, di tla be di rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di rekiswe tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.’ ”


Ha fela ha eba jwalokaha moporofeta wa Modimo a ne a ile a bolella kgosi, a re: “Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di tla rekwa ka tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng ya koro di rekwe ka tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.”


Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae.


“Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako,


tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa?


Jwalokaha mollo o tjhesa moru, le hlaha e hotetsa dithaba,


Ditsie tsa aparela naha yohle ya Egepeta, tsa hwaramana naheng yohle ya Egepeta, e le boiyane bo tshabehang. Pele ho tsona ho ne ho eso be le ditsie tse kang tsona; le kamorao ho tsona ha di sa tla ba teng.


Di tla tlala ka matlung a hao, le ka matlung wohle a bahlanka ba hao, le ka matlung wohle a Baegepeta. Bo-ntatao le bo-ntataomoholo ha ba eso bone tse kaalo, haesale ba eba teng lefatsheng, ho fihlela letsatsi lena.’ ” Yaba Moshe o a reteleha, o tloha ho Faro.


Ho tla ba le sello sa phohomela naheng yohle ya Egepeta, seo ho esong ho be se kang sona, mme se ke keng sa hlola se eba teng.


Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla.


Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos