Eksoda 32:21 - BIBELE21 Jwale Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o senyeditse eng, ha o se tliseditse sebe se sekaalekaale?” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)21 Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo? Ver Capítulo |
Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’