Eksoda 32:20 - BIBELE20 A nka namane eo ba neng ba e entse, a e tjhesa mollong, a e sila ho fihlela e eba phofo, a e tshela metsing, yaba o nwesa bana ba Iseraele metsi ao. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)20 A nka namane e entsweng ke bona, a e tjhesa mollong, a ba a e tula phofo e tshesane haholo, a e akgela metsing, a e nosa bana ba Iseraele. Ver Capítulo |
Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera.
A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera , le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.