Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 30:1 - BIBELE

1 “O tla etsa aletare, moo ho tla tjhesetswa mokubetso teng; o tla e etsa ka dithupa tsa sefate sa mositsane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 O etse aletare ho tjhesetsa dibano teng, o e etse ka fate sa leoka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 30:1
21 Referencias Cruzadas  

Bolelele ba Sehalalelo sena e ne e le dimethara tse robong, bophara e le dimethara tse robong, bophahamo e le dimethara tse robong, mme se manehilwe kgauta e hlwekileng. Le aletare ya mapolanka a kedare a e maneha kgauta.


Bokahare bohle ba Tempele a bo maneha kgauta ho fihlela mabota wohle a kwahelehile. Le aletare yohle, e neng e le pela Sehalalelo, a e maneha kgauta.


Solomone a etsa thepa yohle ya Tempele ya Morena: aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta, moo ho neng ho bewa bohobe bo halalelang,


A ba a mmolella le boima ba kgauta e hlwekisitsweng, e tla etsa aletare ya ho tjhesetsa mokubetso, a mo nea le setshwantsho sa kariki, ke ho re sa dikerubime tsa kgauta, tse tla thathalatsa mapheo, di kgurumetse areka ya selekane sa Morena.


Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.


Ha Usiya a se a matlafetse a ikgohomosa, mme hona ha etsa hore a we. O ne a ile a sitelwa Morena Modimo wa hae, a kena ka Tempeleng ya Morena ho ya tjhesetsa mokubetso hodima aletare ya mokubetso.


Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”


Bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, le bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano; e be le mahlakore a mane a lekanang. Bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a robong. Manaka a yona a etswe ka thupa e le nngwe le aletare.


le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,


le aletare ya mokubetso, le mefeng ya yona, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako, le monyakong wa Leaho;


Ba tlisa le aletare ya kgauta le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako wa Tente;


O bee le aletare ya kgauta, ya mokubetso, kapele ho areka ya selekane, ebe o lepeletsa lesira monyako wa Leaho.


aletare ya lehong, e bophahamo ba methara e le nngwe, bolelele le bophara bo lekana. Dihuku tsa yona, le fatshe ho yona, le mahlakore a yona, tsohle e ne e le tsa lehong. Monna eo a re ho nna: “Ena ke tafole e kapele ho Morena.”


Ka madi a mang o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.


Ka madi a setseng o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a pohwana a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.


Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.


“Hodima aletare ya kgauta ba ale lesela le leputswa, mme ba e kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare le tshwere pitsa ya kgauta eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona. La newa mekubetso e mengata, hore le tle le nyehele ka yona, le ka dithapelo tsa bahalaledi bohle, hodima aletare ya kgauta e kapele ho terone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos