Boholo ba sehalaledisiso ya eba ditswe tse mashome a mabedi, bophara ba sona e le tswe tse mashome a mabedi, le bophahamo ba sona e le ditswe tse mashome a mabedi; a se maneha ka kgauta e hlwekileng; le aletare a e apesa ka dikedare.
le kgauta e hlwekileng ya aletare ya dibano, boima bo itseng; le tekanyetso ya koloi, ke ho re ya dikerubime tsa kgauta tse otlollelang dipheo tsa tsona tse kgurumetsang areka ya selekane sa Jehova.
Aarone le bara ba hae ba ne ba hlahisa mahlabelo aletareng ya ditjheso le dibano aletareng ya dibano; hape ba ne ba neilwe mesebetsi yohle ya sehalaledisiso, hore ba etsetse Iseraele pheko, kahohle kamoo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a laetse kateng.
Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.
Aarone a tle a etse pheko manakeng a aletare hang ka selemo se seng le se seng; a etse pheko teng hang ka selemo, melokong ya lona, ka madi a sehlabelo sa sebe. E tla ba ntho e kgethehileng haholo ho Jehova.
Bolelele ba yona e be ba tswe se le seng, bophara le bona e be tswe se le seng; e be le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e be tswe tse pedi.
le aletare ya dibano le mejaro ya yona, le ole ya setlolo le dibano tse nkgang hamonate, le lesela le homilweng la monyako le etsetswang monyako wa tabernakele;
e nang le bophahamo bo tswe tse tharo, le bolelele bo tswe tse pedi; e ne e na le dintlha tsa yona; boleleleng ba yona le mahlakoreng e ne e le ya sefate. Yaba o re ho nna: Ena ke tafole e pela Jehova.
madi a mang o tla a bea manakeng a aletare e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e monyako wa tente ya pokano.
Moprista o tla bea madi a mang manakeng a aletare ya dibano tse nkgang hamonate, e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng a poho, o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e emeng pela monyako wa tente ya pokano.
Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.
se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.
Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.