Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 26:36 - BIBELE

36 “Jwale ebe o etsa lesira la monyako wa Tente ya Morena; o le etse ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng, mme le etswe ke sehomi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 O tle o etsetse monyako wa tente lesela la la purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle e lohilweng, e be mosebetsi o homilweng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 26:36
19 Referencias Cruzadas  

Ho tloha mohla ke nyollang bana ba Iseraele Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke tsamaile ke le ka tenteng, le ka leahong.


Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo, e leng tente eo a neng a e hlomile, a e hlomile hara batho.


“O tla etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lesela la lene, le loehileng; e be le entsweng ke ditsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime.


“Monyakong wa seotlwana ho tla ba le lesira le bolelele ba dimethara tse robong, le entsweng ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene le loehileng, le entsweng ke sehomi. Lesira le be le ditshiya tsa lona tse nne, le ditshehetso tsa tsona di be nne.


“O tla etsa le mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o etswe ke setsebi. O o etse jwalokaha ho entswe setipe, ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng.


“O etse seaparo se fihlang maotong ka lesela le lene, le katiba o e etse ka lesela le jwalo, o be o etse le leqhama le homilweng.


e leng Leaho, tente ya lona, le marulelo a lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa tsona;


le aletare ya mokubetso, le mefeng ya yona, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako, le monyakong wa Leaho;


Ba etsa le lesira la monyako wa Tente ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; la etswa ke sehomi.


Lesira la monyako wa seotlwana le ne le entswe ke sehomi, lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lene, le loehileng. Bolelele ba lona e ne e le dimethara tse robong; bophara ba lona e le dimethara tse pedi, hore le tshwane le masela a lepeletseng a seotlwana.


Ba etsa le leqhama ka lesela la lene, le loehileng, le ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le entsweng ke sehomi, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Ba tlisetsa Moshe Leaho, le masela a le kwahelang, le tsohle tsa lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le ditshehetso tsa tsona.


O bee le aletare ya kgauta, ya mokubetso, kapele ho areka ya selekane, ebe o lepeletsa lesira monyako wa Leaho.


Ka o tentsha mose o homilweng, ka o rwesa meqathatso ya letlalo la qibi. Ka o rwesa moqhaka wa lene e ntle, ka o apesa seaparo sa sileka.


Mosebetsi wa bana ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, e ne e le ho hlokomela Leaho, Tente ya Morena, le marulelo a yona, le lesira la monyako wa Tente ya Morena;


Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng.


Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos