Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 26:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 O tle o etsetse monyako wa tente lesela la la purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle e lohilweng, e be mosebetsi o homilweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 “Jwale ebe o etsa lesira la monyako wa Tente ya Morena; o le etse ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng, mme le etswe ke sehomi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 26:36
19 Referencias Cruzadas  

Athe ha ke eso ho dule tlung, haesale ke nyolla bana ba Iseraele Egepeta, le jwale, ke mpa ke itsamaetse ka tente le ka tabernakele.


Yaba o tlohela tabernakele ya Silo, tente eo o neng o dutse ho yona hara batho,


O tla etsa lesira le purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle e lohilweng; le tle le etswe ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene, mme ho homelwe dikerubime ho lona.


Haele monyako wa lebala, ho etswe lesela la wona le ditswe tse mashome a mabedi la purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle e lohilweng, e be lesela le homilweng; ho etswe le ditshiya tsa lona tse nne, le didulwana tsa tsona tse nne.


O tla etsa mokgajwana wa kahlolo ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene; o o etse ka mokgwa o le mong le efoda; o o etse ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.


O tla etsa kojwana ya lene e ntle e lohilweng; hape, o tla etsa moqhwele wa lene e ntle e lohilweng, hape o etse senyepa se homilweng.


e le tabernakele le tente ya yona, le sekgurumetso sa yona, le mahokelo a yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;


le aletare ya dibano le mejaro ya yona, le ole ya setlolo le dibano tse nkgang hamonate, le lesela le homilweng la monyako le etsetswang monyako wa tabernakele;


Monyako wa tente wa etsetswa lesela le lepeletseng, la purepera, le sekarelata, le krimsone le lene e ntle e lohilweng,


Lesela le lepeletseng la monyako wa lebala la etswa le homilwe ka purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng, le ena le bolelele ba ditswe tse mashome a mabedi, le boholo ba tswe tse hlano, bo lekanang le bophara ba masela a lepeletseng a lebala;


le senyepa sa lene e ntle e lohilweng le purepera, le sekarelata, le krimsone, ka mokgwa wa mesebetsi e homilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Yaba Moshe o tlisetswa tabernakele, le tente le mesebetsi yohle ya yona, le dikgoketsane tsa yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;


Aletare ya kgauta ya dibano, o tla e bea pela areka ya bopaki, o bee lesela le homilweng monyakong wa tabernakele.


Ka o apesa ka diaparo tse homilweng, mme ka o rwesa dieta tsa qibi; ka o rwesa lene e ntle hloohong, ka o apesa ka sei.


Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,


Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos