Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 24:16 - BIBELE

16 Tlotla ya Morena ya eba hodima thaba ya Sinai, mme leru la e aparela ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa, Morena a le kahara leru, a bitsa Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Kganya ya Jehova ya dula thabeng ya Sinai, mme leru la e apesa ka matsatsi a tshseletseng; ka la bosupa, a bitsa Moshe a le lerung.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:16
14 Referencias Cruzadas  

a bua le bona a le hara leru; ba boloka ditemoso tsa hae, le ditaelo tseo a ba fileng tsona.


Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.


Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng.


empa letsatsi la bosupa ke Sabatha sa Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa diphoofolo tsa hao, kapa mojaki ya ha hao.


Ho hlaha ha tlotla ya Morena ho ne ho tshwana le kgabo ya mollo, e tukang hodima tlhoro ya thaba, moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona.


Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.


Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.


Moshe le Arone ba kena ka Tenteng ya Morena. Yaba ba a tswa, ba hlohonolofatsa setjhaba, mme tlotla ya Morena ya bonahala ho setjhaba sohle.


Jwale Moshe a re: “Sena ke seo Morena a le laetseng ho se etsa, e le hore tlotla ya Morena e tle e bonahale ho lona.”


Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle.


Ha setjhaba se bokane ho lwantsha Moshe le Arone, bo-Moshe le Arone ba kgutlela Tenteng ya Morena, mme leru la e kgurumetsa, tlotla ya Morena ya iponahatsa.


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos