Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:16 - BIBELE

16 “O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong. “O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O boloke mokete wa kotulo, e leng dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, tsa tseo o nong o di jadile masimong: o boloke le mokete wa kotulo, ha ho fela selemo, e leng mohla o bokellang mofufutso wa mosebetsi wa hao masimong.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:16
17 Referencias Cruzadas  

Ba keteka mokete wa maphephe, jwalokaha ho ngotswe Molaong. Ka letsatsi le leng le le leng ba etsa dinyehelo tsa setjheso, tse lekanang letsatsi ka leng, ho ya kamoo ho laetsweng kateng.


“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.


“O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara. “O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo.


“O etse le mokete wa dibeke, wa dilopotsiya tsa ha ho helwa koro; le mokete wa tsohle tse bokeletsweng ha ngwaha o roba.


Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao.


“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ho tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ho lona e tla ba letsatsi la ho letsa terompeta.


Mokete wa Bajuda wa Maphephe o ne o le haufi.


Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng.


o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos