Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:19 - BIBELE

19 “Ya robalang phoofolo ruri a bolawe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ya robalang le phoofolo, a bolawe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:19
14 Referencias Cruzadas  

Baprista bohle ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba le moo, a ba bolaela hodima dialetare tseo, a tjhesetsa le masapo a batho hodima tsona, a nto kgutlela Jerusalema.


Ba dumellana hore bohle ba sa tlo sebeletsa Morena, e ka ba ba baholo kapa ba banyenyane, banna kapa basadi, ba bolawe.


“O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.


O se ke wa etsa selekane le baahi ba naha eo, esere ha ba rapela medimo ya bona ya bohata, mme ba e etsetsa mahlabelo, ba o mema, yaba o ja tse hlabetsweng medimo ya bona.


Ba se ke ba hlola ba nyehella medingwana ya diphooko eo ba e setseng morao, ba e kgumamelang. Ona e tla ba molao wa mehla yohle wa bona, le wa ditloholo tsa bona.’


“ ‘O se ke wa robala phoofolo, mme wa itshilafatsa ka yona. Mosadi a se ke a ipeketla kapele ho phoofolo hore e mo robale. Hona ke manyala a tshabehang.


“ ‘Naha e ile ya silafala; kahoo ke ile ka e otla ka baka la bokgopo ba yona, mme ya hlatsa baahi ba yona.


Ha Baiseraele ba le Shitime, setjhaba sa qala ho etsa bootswa le baradi ba setjhaba sa Moabe.


Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa.


eba pontsho eo, kapa mohlolo oo, o a phethahala, mme a re ho lona: ‘A re lateleng medimo e meng, eo le sa kang la e tseba, re e sebeletse;’


“Haeba hara lona, le hara metse ya lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, ho ka fumanwa monna kapa mosadi ya etsang bobe mahlong a Morena Modimo wa lona, ka ho roba selekane sa hae,


monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.


“ ‘Ho rohakehe ya robalang phoofolo!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos