Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.
Hanghang hoba Jehu a qete ho etsa nyehelo ya setjheso, a re ho balebedi le ho balaodi: “Kenang, le ba bolaye! Ho se be le ya mong ya ka tswang!” Ba ba bolaya ka disabole. Balebedi le balaodi ba ba lahlela kantle, ba nto kena kaharehare ho tempele ya Baale.
Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: ‘Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!’ ”
O se ke wa etsa selekane le baahi ba naha eo, esere ha ba rapela medimo ya bona ya bohata, mme ba e etsetsa mahlabelo, ba o mema, yaba o ja tse hlabetsweng medimo ya bona.
Yaba ke re ho ditloholo tseo: “Motho ka mong a furalle manyala a hohelang mahlo a hae, mme le se ke la itshilafatsa ka medingwana ya bohata ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.”
Ba se ke ba hlola ba nyehella medingwana ya diphooko eo ba e setseng morao, ba e kgumamelang. Ona e tla ba molao wa mehla yohle wa bona, le wa ditloholo tsa bona.’
“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.
Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema.
Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’