Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:11 - BIBELE

11 batho bao ba babedi ba tla hlapantshwa pela Modimo, ho fumana hore na ha a a ka a isa letsoho dinthong tsa e mong. Monga ntho o tla amohela tlhapantsho eo, mme a ke ke a buseletswa letho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:11
10 Referencias Cruzadas  

“Ha motho a siela motho e mong tonki, kapa pholo, kapa nku, kapa phoofolo efe kapa efe, mme eba e a shwa, kapa e a robeha, kapa e utsuwa ho se ya bonang;


Haeba phoofolo ena e hlile e utswitswe ho yena, o tla buseletsa monga yona.


Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla iswa moo ho rapelwang Modimo teng, ho hlapanya hore ha a a ka a isa letsoho dinthong tsena tsa motho e mong.


“O se ke wa bolela taba tsa leshano. O se ke wa thusa motho ya kgopo, ka ho fana ka bopaki ba leshano.


esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: ‘Morena ke mang?’ Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo.


“ ‘Ha motho a bitswa ka molao ho tla fana ka bopaki, mme a hana ho bolela seo a se boneng kapa seo a se tsebang, o molato.


kapa ere ha a fumane ntho e lahlehileng a etse bolotsana, a hlapanye ka leshano, hore ha a a ka a e fumana, motho ya etsang e nngwe ya tsena tsohle o etsa sebe.


Etswe batho ba hlapanya ka e moholo ho ba feta, mme dikgang tsohle tsa bona di fediswa ka ho ikana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos