Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:10 - BIBELE

10 “Ha motho a siela motho e mong tonki, kapa pholo, kapa nku, kapa phoofolo efe kapa efe, mme eba e a shwa, kapa e a robeha, kapa e utsuwa ho se ya bonang;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ekare ha motho a nea wa habo esele, kapa kgomo, kapa konyana, leha e le phoofolo e nngwe ho e boloka, mme e eshwa, kapa e robeha setho, kapa e utsuwa ho sa bonwe motho;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:10
6 Referencias Cruzadas  

Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka.


batho bao ba babedi ba tla hlapantshwa pela Modimo, ho fumana hore na ha a a ka a isa letsoho dinthong tsa e mong. Monga ntho o tla amohela tlhapantsho eo, mme a ke ke a buseletswa letho.


Tabeng e nngwe le e nngwe ya tlolo ya molao, e amanang le kgomo, kapa tonki, kapa nku, kapa diaparo, kapa eng le eng e lahlehileng eo ho thweng: ‘Ke yona ena,’ taba ya bao ba babedi e tla tliswa moo ho rapelwang Modimo teng. Eo Modimo a mo fumanang a le molato, o tla lefela monga ntho habedi.


athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”


Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele?


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos