Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:22 - BIBELE

22 O ba etse baahlodi ba setjhaba ka dinako tsohle. Dinyewe tsohle tse kgolo ba di tlise ho wena, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole. Iphokoletse mosebetsi jwalo, mme ba o imolle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba ahlolele setjhaba kamehla; nyewe tse kgolo kaofela ba di tlise ho wena, dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole e le bona, ba o imolle, ba jare hammoho le wena.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:22
12 Referencias Cruzadas  

“Jwale wena, Esera, ho ya ka bohlale boo Modimo wa hao a o neileng bona, o kgethe babusi, le baahlodi, hore ba tle ba ahlolele batho bohle ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e leng bohle ba tsebang Molao wa Modimo. Ba sa o tsebeng, o ba rute wona.


Ruri o tla kgathala, wena le setjhaba sena seo o nang le sona. Mosebetsi ona o o imela haholo, mme o sitwa ho o etsa o le mong.


Haeba o ka etsa taba ena, jwalokaha Modimo a o laela, o tla tseba ho tiisetsa mosebetsing, le setjhaba sena sohle se tla kgutlela malapeng a sona ka kgotso.”


Ba ahlolela batho ka dinako tsohle. Dinyewe tse boima ba di isa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola ka bobona.


Monna enwa ya tswetsweng ke mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Morena, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shilomite, moradi wa Diberi, wa leloko la Dane.


Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong.


Ba mo fumaneng a ntse a rwalla patsi ba mo tlisa ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle.


Ba ema kapele ho Moshe, le kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho mahosana, le kapele ho setjhaba sohle, monyakong wa Tente ya Morena, mme ba re:


Baholo ba malapa a bana ba Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba malapa a bara ba Josefa, ba atamela, ba bua ba le kapele ho Moshe, le kapele ho mahosana ao e leng baholo ba malapa a bana ba Iseraele,


Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos