Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 18:23 - BIBELE

23 Haeba o ka etsa taba ena, jwalokaha Modimo a o laela, o tla tseba ho tiisetsa mosebetsing, le setjhaba sena sohle se tla kgutlela malapeng a sona ka kgotso.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ekare ha o ka etsa taba ena, mme Modimo ha o ka o laela yona, o tla tseba ho tiya, le setjhaba sena kaofela se tla finyella nqalong ya sona ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:23
15 Referencias Cruzadas  

Hoba Morena a qete ho bua le Aborahama, yaba o a itsamaela, mme Aborahama a kgutlela ha hae.


Ragele ha a se a tswetse Josefa, Jakobo a re ho Labane: “Ntokolle, ke ye haeso, naheng ya heso.


Empa bahlabani ba re: “Wena o se ke wa futuha le rona. Ha re ka baleha, ba ke ke ba re tsotella. Leha ba ka ba bolaya halofo ya bahlabani ba rona, ba ke ke ba re tsotella; feela wena o lekana le bahlabani ba dikete tse leshome ba rona, ka bohlokwa. Ka baka leo, ho molemo hore o tle o re thuse o ntse o le ka motseng.”


Setjhaba sohle sa tshela Jorodane, le kgosi ya tshela. Yaba kgosi e aka Barasilai, ya mo hlohonolofatsa, mme Barasilai a kgutlela ha habo.


Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.”


Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.”


Ruri o tla kgathala, wena le setjhaba sena seo o nang le sona. Mosebetsi ona o o imela haholo, mme o sitwa ho o etsa o le mong.


O ba etse baahlodi ba setjhaba ka dinako tsohle. Dinyewe tsohle tse kgolo ba di tlise ho wena, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole. Iphokoletse mosebetsi jwalo, mme ba o imolle.


Moshe a mamela lentswe la mohwe wa hae, mme a etsa sohle seo a se boletseng.


Hoba Paulosi le Baranabase ba be le phapang le kgang e kgolo le bona, ha rerwa hore Paulosi le Baranabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo ka taba ena.


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


Morena a re ho Samuele: “Mamela dipolelo tsa sona, o se kgethele kgosi.” Samuele a re ho banna ba Iseraele: “Monna e mong le e mong a tsamaye, a kgutlele motseng wa habo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos