Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:16 - BIBELE

16 Ha ba ena le dinyewe, ba tla ho nna, mme ke ahlolele motho le ngoanabo, ke ba rute ditaelo tsa Modimo le melao ya hae.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mohla ba nang le nyewe, ba ye ba tle ho nna, mme ke ye ke ahlolele e mong le e mong, ke ba tsebise ditaelo tsa Modimo le melao ya wona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:16
20 Referencias Cruzadas  

Abosalome a re ho yena: “Nyewe ena ya hao e ntle haholo, e bile e nepahetse, empa ha ho le ya mong wa banna ba kgosi ya tla o mamela.”


Ra ditaba di ka ba teng pakeng tsa bana babo lona ba phelang metseng, ebang ke tsa tshollo ya madi, kapa tse amanang le molao, kapa ditaelo, kapa ditemoso, kapa melawana, le ba hlokomedise hore ba se ke ba sitelwa Morena, mme lona, le bana babo lona, Morena a ke ke a le halefela. Etsang jwalo, mme le ke ke la ba le molato.


“Haeba mohlanka wa ka le lekgabunyane la ka, ke ba hloketse toka ha ba tsekisana le nna,


Yaba mohwe wa Moshe o re ho yena: “Ntho ena eo o e etsang ha e ntle.


Ka letsatsi le hlahlamang a ya hape, a bona banna ba Baheberu ba babedi ba lwana; yaba o re ho ya molato: “Ke ka baka lang ha o otla ngwaneno?”


O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana.


O ne a ile a re ho baholo: “Re emeleng mona, ho fihlela re kgutlela ho lona. Bo-Arone le Hure ba sala le lona; mang kapa mang ya nang le ditaba a ke a di hlahise ho bona.”


Jwale o bue le bana ba Iseraele, o re: ‘Motho ofe kapa ofe ya rohakang Modimo wa hae o tla ahlolelwa sebe seo sa hae,


Morena a re ho Moshe: “Ruri motho eo a bolawe. Setjhaba sohle se mo tlepeletse kantle ho diahelo, ka majwe.”


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Ha e mong wa lona a ena le nyewe le e mong, a ka mo isa jwang makgotleng a bahedene, e seng kapele ho badumedi?


“Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.


“Ena ke melao, le ditaelo, le ditemoso tseo Morena a laetseng hore le di rutwe, le tle le di phethe naheng eo le tla tshelela ho yona, hore e be ya lona.


Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos