Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mohla ba nang le nyewe, ba ye ba tle ho nna, mme ke ye ke ahlolele e mong le e mong, ke ba tsebise ditaelo tsa Modimo le melao ya wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ha ba ena le dinyewe, ba tla ho nna, mme ke ahlolele motho le ngoanabo, ke ba rute ditaelo tsa Modimo le melao ya hae.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:16
20 Referencias Cruzadas  

Absalome o ne a re ho yena: Taba tsa hao di ntle, di lokile, empa ha ho ya beilweng ke morena ho di utlwa ho wena.


Haele nyewe e nngwe le e nngwe e tla tliswa ho lona ke banababo lona ba ahileng metseng ya bona, bakeng sa polao, leha e le bakeng sa molao le taelo, le sa dikomelo le dikahlolo, le tla ba eletsa hore ba se ke ba eba le molato ho Jehova, le se ke la halefelwa hammoho le banababo lona. Le etse jwalo, le tle le hloke molato.


Ha ekaba ke hanne tokelo ya mohlanka wa ka e motona, kapa ya e motshehadi, mohla ba tsekisanang le nna,


Yaba mohwehadi wa Moshe o re ho yena: Taba eo o e etsang ha e molemo.


Ka hosasane, a boela a tswa, a bona banna ba babedi ba Baheberu ba lwana; a re ho ya nang le molato: O otlelang wa heno?


Balehela kahlolo e leshano, mme o se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane nke ke ka etsetsa e mobe jwaloka hoja a lokile.


A re ho baholo: Le re emeleng mona, re be re kgutlele ho lona. Le ka bona, Aarone le Hure ke bana, ba tla ba le lona; mang le mang ya nang le taba, a tle ho bona.


O tla bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: E mong le e mong ya rohakang Modimo wa hae, o tla jara molato wa sebe sa hae;


Yaba Jehova o re ho Moshe: Motho eo o tshwanetse ho bolawa; phutheho yohle e tla mo tlepetsa ka majwe kantle ho diahelo.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Motho ho lona, ha a ena le taba ya tseko le e mong, ha a tshabe keng ho ya ahlolelwa ke bakgopo, e seng ke bahalaledi?


Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, tsebeng tsa lona, le tle le ithute tsona, le di boloke, mme le di etse.


Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos