Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:43 - BIBELE

43 Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ditaelo tsa Paseka ke tsena: “Ho se be moditjhaba ya tla e ja.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:43
9 Referencias Cruzadas  

Le hoja batho ba bangata, ba neng ba etswa morabeng wa Efraime, le wa Manase, le wa Isakare, le wa Sebulone, ba ne ba sa itlhwekisa, le bona ba eja Paseka, ho fapana le kamoo ho ngotsweng kateng. Empa Hesekiya a ba rapella, a re: “Morena ya lokileng a ke a tshwarele e mong le e mong wa bona,


Le tle le e je tjena: le itlamile matheka, le rwetse meqathatso, le tshwere melamu ya lona; le e je le potlakile. Ke yona Paseka ya Morena.


“Ha le ahisane le moditjhaba, mme a rata ho etsetsa Morena Paseka, eka kgona ba batona bohle ba lelapa la hae ba bolotswe, e be hona ba ka tlang ho keteka le lona, mme ba tla tshwana le matswallwa a naha eo. Empa maqai a ke ke a e ja.


Ka Sehalalelong sa ka le kentse baditjhaba ba sa bollang dipelong le nameng; le silafaditse Tempele ya ka ha le nnyehella ka dijo, ka mafura le ka madi, mme le sentse selekane sa ka ka baka la manyala a lona wohle.


“ ‘Moditjhaba ofe kapa ofe a se ke a ja dintho tse halalelang; le moeti ya fihletseng ha moprista, kapa mohiruwa, a se ke a ja dintho tse halalelang.


Empa haeba moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa a hlalane le monna, a se na bana, mme a kgutletse tlung ya ntatae jwalokaha e sa le ngwana, yena a ka ja dijo tseo tsa ntatae. Empa moditjhaba yena a ke ke a di ja.


“ ‘Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha.’ ”


Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane wa setjhaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo dilekaneng le ditshepisong, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng lena.


Moporofeta wa Modimo a tla ho Eli, mme a re ho yena: “Morena o bua tjena: ‘Na ha ke a ka ka iponahatsa lapeng leno, ha bo-ntatao ba sa le Egepeta, le le makgoba tlung ya Faro?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos