Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ditaelo tsa Paseka ke tsena: “Ho se be moditjhaba ya tla e ja.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:43
9 Referencias Cruzadas  

Hobane ba bangata hara setjhaba, haholo Baefraime le Bamanasse, le Baissaskare le Basabulone, ba ne ba sa ka ba itlhwekisa, mme ba eja Paseka, ka mokgwa o fapaneng le o ngodilweng. Empa Esekiase o ne a ba rapeletse, a re: Wena, Jehova, o leng molemo, o tshwarele bohle


Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.


Ekare ha motho wa moditjhaba a aheletse ho wena, mme a rata ho etsetsa Jehova Paseka, e ka kgona a bolotse ba batona kaofela ba ho yena, e be hona a atamelang ho e etsa; a tshwane le ya tswaletsweng hae, hobane ya sa bollang a ke ke a e ja.


ao ka wona le nnileng la kenya bara ba baditjhaba, bao e leng maqai dipelong le maqai nameng, sehalalelong sa ka ho se silafatsa, e leng ntlo ya ka, ha le ne le hlahisa bohobe ba ka, mafura le madi, hore ba tlole selekane sa ka ka ho ya ka manyala wohle a lona.


Ha ho moditjhaba ya tlang ho ja dintho tse halalelang; esita le moeti wa moprista, leha e le mohlanka wa hae ya lefjwang, ba ke ke ba eja dintho tse kgethehileng.


Empa ekare ha moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa ya hladilweng, a se na bana, mme a kgutlela tlung ya ntatae ho dula teng jwaloka botjheng ba hae, o tla ja dijo tsa ntatae; empa ha ho moditjhaba ya tlang ho di ja.


Ha moditjhaba, ya ahileng le lona, a etsa Paseka ya Jehova, o tla e etsa ka taelo ya Paseka le ka molao wa yona. Ho tla ba molao o le mong bakeng sa lona, bakeng sa moditjhaba, le ya tswaletsweng ha eno.


mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho Eli, a re ho yena: Jehova o re: Ha ke re, nkile ka itshenolela ba ntlo ya ntatao, ha ba sa le Egepeta, ha Faro;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos