Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:11 - BIBELE

11 “Yaba ke ntse ke tadimile ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse buuwang ke lenakana lane. Ka tadima ho fihlela ke bona ha sebatana sena se bolawa, setopo sa sona se senyeha, se akgelwa hara malakabe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke ne ke ntse ke tadimile, mme ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse bolelwang ke lenaka, ka bona sebatana se bolawa, mmele wa sona wa fediswa, wa akgelwa mollong, hore o tjheswe.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:11
14 Referencias Cruzadas  

E tla hloma ditente tsa yona tsa bokgosi pakeng tsa lewatle le thaba e tlotlehang, e halalelang, mme kgosi eo e tla timela ho se ya e thusetsang.”


Ha a le dibatana tse ding tsona, di ile tsa amohuwa matla a tsona, empa tsa ekeletswa nakwana ya ho phela.


“Ha ke ntse ke tadimile manaka ana, ka bona lenakana le leng le runya pakeng tsa a mang, mme le runyola a mararo a pele. Lenakana lena le ne le ena le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso.”


Ka maqiti a yona bolotsana bo tla atleha, ka pelong ya yona boikgohomoso bo tote, ba bangata e ba timetse hoja ba iketlile. E tla futuhela le Kgosana ya mahosana, qetellong e ripitlwe e se ka letsoho la motho.


hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.”


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla.


Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.


Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos