Daniele 7:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Ke ne ke ntse ke tadimile, mme ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse bolelwang ke lenaka, ka bona sebatana se bolawa, mmele wa sona wa fediswa, wa akgelwa mollong, hore o tjheswe. Ver CapítuloBIBELE11 “Yaba ke ntse ke tadimile ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse buuwang ke lenakana lane. Ka tadima ho fihlela ke bona ha sebatana sena se bolawa, setopo sa sona se senyeha, se akgelwa hara malakabe. Ver Capítulo |
Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.