Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:21 - BIBELE

21 Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle; dibatana tsa naha di ema moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Sefate seo se seholo, seo o se boneng se medile ka matla, seo ntlha ya sona e amileng lehodimo, se bonahalang lefatsheng lohle,

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:21
8 Referencias Cruzadas  

Dinonyana di etsa dihlaha ho tsona, mekotatsie e phela hodima difate.


Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona.


Nonyana tsohle tsa hahela makaleng a yona, batana tsohle tsa tswalla tlasa makala a yona, tjhaba tsohle tse kgolo tsa dula moriting wa yona.


O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena.


Sefate sena sa nna sa hola, sa matlafala, sa ya fihla marung, sa bonahala dipheletsong tsohle tsa lefatshe.


O bone sefate se ntse se hola, se matlafala, se bile se fihla marung, se bonahala lefatsheng lohle.


“Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe.


O tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka a e jala serapeng sa hae, ya hola, ya eba sefate, mme dinonyana tse fofang tsa hahela makaleng a sona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos