Daniele 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 Sefate seo se seholo, seo o se boneng se medile ka matla, seo ntlha ya sona e amileng lehodimo, se bonahalang lefatsheng lohle, Ver CapítuloBIBELE21 Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle; dibatana tsa naha di ema moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona. Ver Capítulo |
seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.