Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:47 - BIBELE

47 Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:47
34 Referencias Cruzadas  

Faro a re ho Josefa: “Kaha Modimo a o senoletse tsena tsohle, ha ho ya masene, le ya bohlale jwaloka wena.


Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”


baprista o ba tlosa ba se na le nketlana, dinatla tsona a di theole tulong tsa tsona;


Bokang Modimo wa medimo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Bokang Morena wa marena; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Pesalema ya Asafo. Modimo o dutse lekgotleng la bomodimo, o ahlola a le hara baahlodi.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.


Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla tlisa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, kgosi ya dikgosi, a etswa leboya, a tlo futuhela Tire ka dipere le ka dikariki tsa ntwa, ka bapalami ba dipere le ka lebotho le leholo.


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


Hona bosiung boo Daniele a senolelwa sephiri sena ka pono. Yaba Daniele o rorisa Modimo ya lehodimong.


Diphiri di senolwa ke yena, tse mafifing le tsona o a di tseba, leaho la lesedi le fumanwa ho yena.


Empa ho na le Modimo lehodimong ya senolang diphiri. Ke yena ya tsebisang kgosi Nebukadenesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang. Toro ya hao le dipono tseo o di boneng ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, ke tsena:


“Wena kgosi, ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, o ile wa nahana tse tlang ho etsahala hamorao, mme ya senolang diphiri a o tsebisa tse tlang ho etsahala.


Ha e le nna ke senoletswe sephiri sena, e seng hobane ke le bohlale ho feta batho ba bang ba phelang, empa e le hore wena kgosi, o tle o tsebe tlhaloso ya toro ena, o utlwisise le tseo o nnileng wa di nahana.


Wena kgosi, o kgosi ya dikgosi, hobane Modimo ya lehodimong o o neile mmuso le bolaodi le matla le tlotla.


Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”


Yaba Nebukadenesare o a bua, o re: “Ho bokwe Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ya ileng a roma lengeloi la hae ho tla pholosa bahlanka ba hae ba mo tshepileng. Ba ile ba nyedisa taelo ya kgosi, ba tela bophelo ba bona, hore ba se ke ba sebeletsa kapa ba kgumamela modimo e mong osele, haese Modimo wa bona feela.


“Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.”


“ ‘Qeto ena e phatlaladitswe, ya phatlalatswa ke maqosa, kahlolo ya etswa ke ba halalelang, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe: Ya Hodimodimo o laola mmuso wa batho, o o nea ofe le ofe ya ratwang ke yena, kapa a hlomamise mofo setulong sa kgosi.’


O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.


O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.”


Mmusong ona wa hao, monna o teng ya nang le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Mehleng ya ntatao, monna enwa o ile a ipaka hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo kang ba medimo. Kgosi Nebukadenesare, ntatao, o ile a mo etsa mookamedi wa dinohe le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi.


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha. O tla itihela fatshe, a kgumamele Modimo, a phatlalatse, a re: “Ruri Modimo o teng hara lona.”


Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.


Ka nako ya teng o tla bonahatswa ke ya lehlohonolo, ya matla a inotshi, Kgosi ya dikgosi, le Morena wa Marena,


“Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno!


le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,


Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”


Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos