Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 12:12 - BIBELE

12 Ho lehlohonolo ya tla mamella ho fihlela matsatsi a sekete le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano a fela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ho lehlohonolo ya lebelang, mme a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 12:12
8 Referencias Cruzadas  

Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


“Ha o se o qetile matsatsi ana, o tla boela o paqama hape ka lehlakore la letsoho le letona, o jare bokgopo ba ntlo ya Juda ka matsatsi a mashome a mane. Letsatsi ka leng le tla lekana le selemo se le seng sa dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona.


Ya botswang a araba, a re: “E tla ba matsatsi a dikete tse pedi le makgolo a mararo. Kamora moo, Sehalalelo se tla hlwekiswa.”


Haesita ho furallwa ha sona ho tlisitse poelano ya lefatshe le Modimo, ho amohelwa ha sona ho tla tlisa eng, haese bophelo ho ba shweleng?


Empa ha e le lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le metha, hobane le tloheletswe baditjhaba, ba tlang ho hatakela motse o halalelang ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.


Sebatana seo se ile sa dumellwa ho bua ka boikakaso le ka ho nyefola, sa newa matla a ho sebetsa ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos