Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 12:13 - BIBELE

13 “Empa wena Daniele, o mamelle ho isa qetellong. O tla shwa, empa o tla tsoha mohla letsatsi la bofelo, o newe lefa leo o le abetsweng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa wena, o ikele bofelong ba hao, hobane o tla phomola, mme o tla tsohela lefa la hao qetellong ya matsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 12:13
16 Referencias Cruzadas  

Kahoo ba kgopo ba ke ke ba phema kahlolo, baetsadibe ba ke ke ba balellwa le ba lokileng;


Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena.


Kahoo pelo ya ka e thabile, moya wa ka o nyakaletse, le wona mmele wa ka o tla phomola, o tla phomola o phutholohile;


Morena a re: “Nna, ka sebele sa ka, ke tla tsamaya le wena, ke yo o phomotsa.”


Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla.


Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.”


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ha o ka tsamaya ditseleng tsa ka, wa mamela ditaelo tsa ka, o tla okamela Tempele ya ka le mabala a yona, mme o tla ba mosebeletsi jwaloka banna bana ba emeng mona.


Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella, mohla tsohle di ntjhafatswang, ha Mora Motho a dutse teroneng e tlotlehang ya hae, le lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla,


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos