Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:23 - BIBELE

23 Leha ho ba le borapedi ba maiketsetso, ho ikokobetsa ka mokgwa o fosahetseng, ho hlokofatsa mmele, di bonahala e ka di na le bohlale, ha di na thuso, haese ho tjhatjhehisa ditakatso tsa botho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 di na le botumo ba bohlale ba hore ke ho sebeletsa Modimo ka ho itlama, le ka ho ikokobetsa, le ka ho se hauhele mmele, athe ke tsa lefeela, hobane ke ho kgorisa nama feela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Dintho tseo ruri di nang le ponahalo ya bohlale borapeding ba boithatelo, le ka boikokobetso, le ka ho tella mmele; e seng ka hlompho leha e le efe ho kgotsofatsa nama.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Dintho tseo ruri di nang le ponahalo ya bohlale borapeding ba boithatelo, le ka boikokobetso, le ka ho tella mmele; e seng ka hlompho leha e le efe ho kgotsofatsa nama.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:23
10 Referencias Cruzadas  

Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.


Ha ho eso be motho ya kileng a hloya mmele wa hae, empa o ye a o fepe, a o baballe. Sena ke sona seo Kreste a se etsetsang kereke ya hae,


Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.


Tsena tsohle ke tse senyehang ha di sebediswa. Hona ke ho latela melawana le dithuto tse tswang ho batho.


Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste.


Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.


Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos