Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 di na le botumo ba bohlale ba hore ke ho sebeletsa Modimo ka ho itlama, le ka ho ikokobetsa, le ka ho se hauhele mmele, athe ke tsa lefeela, hobane ke ho kgorisa nama feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Leha ho ba le borapedi ba maiketsetso, ho ikokobetsa ka mokgwa o fosahetseng, ho hlokofatsa mmele, di bonahala e ka di na le bohlale, ha di na thuso, haese ho tjhatjhehisa ditakatso tsa botho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Dintho tseo ruri di nang le ponahalo ya bohlale borapeding ba boithatelo, le ka boikokobetso, le ka ho tella mmele; e seng ka hlompho leha e le efe ho kgotsofatsa nama.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Dintho tseo ruri di nang le ponahalo ya bohlale borapeding ba boithatelo, le ka boikokobetso, le ka ho tella mmele; e seng ka hlompho leha e le efe ho kgotsofatsa nama.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:23
10 Referencias Cruzadas  

Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


Hobane ha ho eso ho be motho ya kileng a hloya nama ya hae le ka mohla o le mong; empa o ye a e fepe, a e baballe, jwalokaha Kreste le yena a etsa kereke.


Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae, ka taba tse kang boikokobetso, le tshebeletso ya mangeloi, a ikenya ho tseo a sa kang a di bona, ke ho ikgohomosetsa lefeela ka kutlo ya hae ya nama,


Tseo tsohle ke tse isang ho boleng; di lateletse melao le dithuto tsa batho;


Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.


ba tlang ho hana ha batho ba nyala, ba tla re, ho tshajwe dijo tseo Modimo o di bopileng hore ba dumetseng, ba tsebang nnete, ba di amohele ka teboho.


Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos