Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 8:7 - BIBELE

7 Morena, yena eo Jakobo a ithorisang ka yena, o ikanne, a re: “Ha nka ke ka lebala le e nngwe ya diketso tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova o hlapantse ka kganya ya Jakobo, o re: Nke ke ka ba ka lebala ketso tsa lona tsohle ho isa ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Amose 8:7
19 Referencias Cruzadas  

O a ba sireletsa, ba be ba rue letshepa, athe metsamao ya bona yona o e disitse.


Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.”


O bea ditjhaba tlasa puso ya rona, merabe katlasa maoto a rona.


O re kgethela lefa la rona, bokgabane ba Jakobo eo a mo ratileng.


Ke yena ya kaletseng mahodimo, mahodimo a kgalekgale; o utlwahatsa lentswe la hae, lentswe la hae le matla.


yaba o re: “Phahamisang mokgele wa Morena. Morena o tla nne a lwantshe Baamaleke kamehla yohle.”


Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


“Sebe sa Bajuda se ngotswe ka pene ya tshepe, sa ngolwa pelong tsa bona, sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho, sa ngolwa le manakeng a dialetare tsa bona.


Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: ‘Tseba Morena,’ hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang,” ho rialo Morena. “Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”


“Ha ke re mokubetso oo lona le bo-ntata lona, le mahosana a lona, le setjhaba sohle sa naha, oo le ileng la o tjhesetsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke wona oo Morena a ileng a o hopola, mme a o nahana?


Kelellong tsa bona ha ba hlokomele hore ke hopola bokgopo ba bona. Kahohle dibe tsa bona di ba dikile, mme di pontsheng ya ka kamehla.”


Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.


Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona.


Morena Modimo ya halalelang o hlapantse ka lebitso la hae, a re: “Bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona le tla tloswa ka kgwathatha; le ba ho qetela hara lona, ba tloswe, ba hulwa ka dilope.


Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”


lesedi le bonesetsang baditjhaba le tlotla ya setjhaba sa hao sa Iseraele.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos