Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 8:6 - BIBELE

6 Re reka mafutsana ka silefera, re ananya mohloki ka meqathatso, re rekisa koro le ditlhoka tsa yona?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke moo re tla reka bafumanehi ka tjhelete, le mafutsana ka seeta, re rekise le ka ditlhoka tsa koro.

Ver Capítulo Copiar




Amose 8:6
11 Referencias Cruzadas  

Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!


Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo.


Di ile tsa laola setjhaba sa ka ka lotho, tsa ananya moshanyana ka seotswa, tsa reka veine ka ngwanana, hore di tle di e nwe.


Le rekisitse baahi ba Juda le ba Jerusalema ho Bagerike, e le hore le ba ise hole le naha ya habo bona.


Morena o bua tjena: “Baiseraele le bona ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ya lokileng ba mo rekisa tjhelete, mofutsana ba mo rekise meqathatso.


Hlabang mokgosi, le o hlabele matlo a dikwele, dikwele tsa Ashedode, le o hlabele le a Egepeta, le re: “Phuthehelang dithabeng, thabeng tsa Samaria, le bone meferefere e kahara motse, le bone kgatello e hara baahi ba wona.


Lona basadi ba Samaria, mamelang mona! Lona ba kang tswetse tsa Bashane, tswetse tse alohelang thabeng ya Samaria; lona ba hatellang mafutsana, le ripitle bahloki, lona ba reng ho banna ba lona: “Tlisang jwala, re nwe!”


Lona ba hatakelang bahloki, utlwang mona! Lona ba timetsang mafutsana, mafutsana a naha ena.


Ka le botsa, ka re: “Ke eng?” La nkaraba, la re: “Ke morifi.” La boela la re: “O tshwantsha bokgopo ba batho ba naha yohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos