Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:1 - BIBELE

1 Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, a hlahisa ditsie, jwang ha bo boela bo hlomela, ke ho re ha jwang bo boela bo hlomela, ha ho se ho hetswe ba morena.

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:1
14 Referencias Cruzadas  

Lona ditjhaba, kgapo ya lona e jelwe sa bookgolane ha bo kumola, banna ba e tsholohela sa boiyane ba ditsie.


Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena.


mme ka bolella bathopuwa tsohle tseo Morena a mpontshitseng tsona.


Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo: wa pele wa eja dijalo, wa siya, wa bobedi wa eja, le wona wa siya, wa boraro wa eja, le wona wa siya, wa bone wa eja, wa kokona tsohle.


“Ke tla le buseletsa, ke le buseletse se senyehileng, se jelweng ke ditsie ka dilemo tse ngata; sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie, ya se ja, ya se kokona sohle; lebothohadi leo ke le neeletseng ka lona.


“Ka le otla, ka senya dirapa tsa lona, ka senya masimo a lona a morara, ka a senya ka phori le ka boroku. Ditsie tsa kokona difeiye le mehlwaare ya lona, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Sena ke seo Morena a ileng a boela a mpontsha sona: Morena Modimo o ne a itokisetsa ho tla ahlola ka mollo, mme mollo o ile wa pshesa madiba a mawatle, wa tjhesa naha.


Morena a boela a mpontsha sena: Morena o ne a eme pela lerako le hahilweng hantle, le otlolohileng jwaloka kgwele e lekanyang, e neng e le letsohong la hae.


Hape Morena Modimo a mpontsha sena: E ne e le seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.


Jwale Morena a mpontsha malala a mane.


Ke tla thibela ditsie, di se ke tsa senya dijalo tsa lona masimong, le ditholwana tsa morara wa lona di se ke tsa phutsa,” ho rialo Morena wa mabotho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos