Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, a hlahisa ditsie, jwang ha bo boela bo hlomela, ke ho re ha jwang bo boela bo hlomela, ha ho se ho hetswe ba morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie.

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:1
14 Referencias Cruzadas  

Letlotlo la lona leo le le hapileng, le tla hlakolwa ka mokgwa oo ditsie di hlakolwang ka wona; batho ba tla itihela ho lona ka mokgwa oo bookgolane bo welang jwang ka wona.


Eitse hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, a tshware Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le baholo ba Juda, le dibetli, le malala Jerusalema, a ba kentse Babilona, Jehova a mpontsha pono; mme bonang, diroto tse pedi tsa difeiye di ne di beilwe pela tempele ya Jehova.


Yaba ke bolella ba isitsweng kgolehong mantswe wohle a Jehova ao a neng a ntshenolele wona.


Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.


ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.


Ke ne ke otle koro ya lona ka phori le boroku; masimo a lona a mangata a difate le a merara, le difeiye tsa lona, le mehlwaare ya lona ya jewa ke tsie, mme leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, Morena Jehova a bitsa mollo ho kgalemela ka wona; wa qeta bodiba bo boholo, wa qala ho tjhesa le lefa la Jehova.


Ke ena pono eo a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona Morena Jehova a eme hodima lerako le hahilweng ka ho lekanngwa ka sekitiloto, a tshwere sekitiloto letsohong la hae.


Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng.


Mme Jehova a mpontsha malala a mane.


Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos