Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 5:27 - BIBELE

27 Kahoo ke tla le fallisa, ke le fallisetse ka nqane ho Damaseka,” ho rialo Morena, lebitso la hae ke Modimo wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka baka leo, ke tla le isa kgolehong ho feta Damaseka, ho bolela Jehova, eo lebitso la hae e leng Modimo wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar




Amose 5:27
10 Referencias Cruzadas  

Morena o tla tsukutla Baiseraele jwaloka lehlaka ha le tsukutlwa ke metsi. Morena o tla phahla bana ba Iseraele naheng ena e ntle, eo a e neileng bo-ntata bona, a ba qhalanyetse naheng e kamose ho Noka; hobane ba ile ba iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera, mme ba halefisa Morena.


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.


Ke yena ya theileng dithaba, a ba a bopa le meya. O senolela motho mehopolo ya hae, a fetole meso, a e etse lefifi. O tsamaya a phahametse lefatshe, lebitso la hae ke Morena, Morena, Modimo wa mabotho.


Le ile la jara Sikute, kgosi ya lona, le Kiune, modingwana wa lona, le modingwana wa lona wa dinaledi, e leng eo le iketseditseng yona.


Lona ba iketlileng le le Sione le madimabe, le lona ba tshabetseng thabeng tsa Samaria; lona baetapele ba tjhaba se kapele ho tse ding, bao ntlo ya Iseraele e phallelang ho bona!


Kahoo ke lona ba pele ba tla thopuwa, mekete ya lona ya dijo e tla fela.


Le ile la jara tente ya Moloke, le naledi ya modimo o bitswang Refane, e leng ditshwantsho tseo le di etseditseng ho di kgumamela. Kahoo ke tla le fallisetsa ka nqane ho Babilona.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos