Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 5:26 - BIBELE

26 Le ile la jara Sikute, kgosi ya lona, le Kiune, modingwana wa lona, le modingwana wa lona wa dinaledi, e leng eo le iketseditseng yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Tjhe, le ne le jare Sikkuthe, morena wa lona, le Kiune, setshwantsho sa lona, naledi ya modimo oo le neng le iketseditse wona.

Ver Capítulo Copiar




Amose 5:26
7 Referencias Cruzadas  

Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.


Ke kahobane ba nyedisitse melao ya ka, ha ba a ka ba boloka ditaelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme dipelo tsa bona di hapilwe ke medingwana ya bohata.


“ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.


Kahoo ke tla le fallisa, ke le fallisetse ka nqane ho Damaseka,” ho rialo Morena, lebitso la hae ke Modimo wa mabotho.


Le ile la jara tente ya Moloke, le naledi ya modimo o bitswang Refane, e leng ditshwantsho tseo le di etseditseng ho di kgumamela. Kahoo ke tla le fallisetsa ka nqane ho Babilona.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos