Amose 5:21 - BIBELE21 “Mekete ya lona ya borapedi ke e hloile, ke bile ke a e nyonya; le phutheho tsa lona ha ke di thabele. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)21 Ke hloile, ke bile ke nyedisa mekete ya lona; ha ke rate le monko wa tse hlajwang diphuthehong tsa lona tse mahlonoko. Ver Capítulo |
Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.
Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.