Amose 5:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 Ke hloile, ke bile ke nyedisa mekete ya lona; ha ke rate le monko wa tse hlajwang diphuthehong tsa lona tse mahlonoko. Ver CapítuloBIBELE21 “Mekete ya lona ya borapedi ke e hloile, ke bile ke a e nyonya; le phutheho tsa lona ha ke di thabele. Ver Capítulo |
Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,
Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.