Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:26 - BIBELE

26 Lebitso la hao le ke le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: ‘Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele!’ Ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e tla tiya kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, mme ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e ke e tiiswe pela hao.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:26
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborahama o re ho Modimo: “Ishemaele a ke a o phelele!”


“Jwale he, wena Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahetse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.


Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao.


Ako nkutlwe, Morena! Ako nkutlwe, setjhaba sena se tle se tsebe hore wena, Morena, o Modimo, le hore o sokolotse dipelo tsa sona hape.”


O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.


Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo, dilemo tsa yona di akaretse le meloko e tlang.


Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida.


“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;


Ntate, tlotlisa lebitso la hao!” Yaba ho tswa lentswe lehodimong, le re: “Ke le tlotlisitse, mme ke sa tla le tlotlisa hape.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos