Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:25 - BIBELE

25 “Jwale he, wena Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahetse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jwale, Jehova Modimo, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, o nne o le tiise ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:25
11 Referencias Cruzadas  

Hape wa na wa re: ‘Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.’ ”


Setjhaba sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao sa kamehla yohle, mme wena Morena, o Modimo wa sona.


Lebitso la hao le ke le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: ‘Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele!’ Ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e tla tiya kamehla yohle.


Morena o tla phethahatsa polelo eo a neng a e bue ho nna, ha a re: ‘Haeba bara ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’


Jwale oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Tshepiso ya hao, eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, e ke e phethahatswe.


Oho, Morena Modimo wa Iseraele, polelo ya hao, eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida, e ke e phethahatswe.


Phethisetsa mohlanka wa hao tshepiso eo o e etseditseng ba o tshabang.


Hopola lentswe leo o le buileng, wa le bua ho mohlanka wa hao, hobane le nneile tshepo.


“Morena Modimo o bua tjena: Seo ke tla boela ke dumela ba ntlo ya Iseraele ho nkopa sona, mme ke ba etsetse sona, ke sena: Ke tla ba atisetsa thari, ba be jwaloka mohlape wa dinku,


Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos