Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:20 - BIBELE

20 “Ekaba Davida a ka hlola a sa reng ho wena? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao, oho, Morena Modimo!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Davida a ka boela a bolela dife ho wena? O tseba mohlanka wa hao, Morena Jehova!

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:20
9 Referencias Cruzadas  

Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”


“Ekaba Davida a ka hlola a reng ho wena, ha o hlomphile mohlanka wa hao? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao!


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.


le kahobane a ne a sa hloke ho bolellwa letho ka motho; kaha a ne a tseba se ka ho motho.


A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!


Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.


Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.” Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”


Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos