Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Davida a ka boela a bolela dife ho wena? O tseba mohlanka wa hao, Morena Jehova!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “Ekaba Davida a ka hlola a sa reng ho wena? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao, oho, Morena Modimo!

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:20
9 Referencias Cruzadas  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Mme Davida a ka boela a bolela dife hodima kganya eo o e neang mohlanka wa hao?


Jehova, o ntekile, mme o ntsebile,


le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos