Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:7 - BIBELE

7 Bohale ba Morena ba tlokomela Usa, mme Modimo a mmolaya ka baka la ho ama areka. A shwela hona moo pela areka ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Jehova o halefela Ussa, mme Modimo wa mmolaela hona teng ka molato oo; a shwela teng pela areka ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:7
10 Referencias Cruzadas  

Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; yaba sebaka seo o se rea lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.


Bohale ba Modimo ba tlokomela Usa, mme Morena a mmolaya, hobane o ne a ile a ama areka. A shwela hona moo, kapele ho Modimo.


Kahobane ha e a ka ya tliswa ke lona ka lekgetlo la pele, Morena Modimo wa Iseraele, o ile a re halefela, hobane re ne re sa ka ra mo hlompha ka mokgwa o tshwanetseng.”


Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”


Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


Kamora matsatsi a leshome, Morena a otla Nabale, mme Nabale a shwa.


Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos