Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Jehova o halefela Ussa, mme Modimo wa mmolaela hona teng ka molato oo; a shwela teng pela areka ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Bohale ba Morena ba tlokomela Usa, mme Modimo a mmolaya ka baka la ho ama areka. A shwela hona moo pela areka ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:7
10 Referencias Cruzadas  

Empa Davida a swaba ke hobane Jehova a entse sekgeo Iseraeleng, ka ho bolaya Ussa; ka baka lena, bitso la teng a le bitsa Peretse-Ussa (sekgeo sa Ussa); le kajeno ke la teng.


Yaba Jehova o halefela Ussa, a mmolaya, kahobane a isitse letsoho la he arekeng, mme a shwela hona moo pela Modimo.


Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.


Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.


Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


Eitse hobane ho fete tshiu tse leshome, Jehova o otla Nabale, a shwa.


Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos