Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:16 - BIBELE

16 Paletiele a tsamaya a ntse a lla, a setse mosadi wa hae morao, a ba a ya fihla Bahurime. Abinere a re ho yena: “Kgutlela hae!” Yaba Paletiele o a kgutla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Monna wa hae a mo sala morao, a ntse a lla, ho ya fihla Bahurime; Abnere a mpa a re ho yena: Kgutla, o boye. Mme a kgutla.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:16
9 Referencias Cruzadas  

Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.


Empa moshanyana a ba bona, mme a bolella Abosalome. Bobedi ba bona ba tloha ka lehlaphahlapha, ba fihla tlung ya monna e mong, mane Bahurime. Lebaleng la ntlo ya monna eo ho ne ho ena le sekoti, mme ba theohela ka ho sona.


Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, a theoha le banna ba morabe wa Juda ka potlako ho ya kgahlanyetsa kgosi Davida.


Shimei o ne a ena le banna ba sekete ba morabe wa Benjamine, le Siba, mohlanka wa lelapa la Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Batho bana ba potlakela ho ya fihla Jorodane pele ho kgosi.


le Abialebone wa Areba, le Asemafete wa Barehume,


Ishe-Boshete a roma maqosa, a amoha Paletiele, mora wa Laishe, mosadi wa hae Mikale.


“O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re: ‘Nke ke ka o bolaya.’


Ishemaele, mora wa Netaniya, a tloha Misepa ho ya ba kgahlanyetsa, a tsamaya a ntse a lla. Ha a fihla ho bona, a re: “Tloong ho Gedaleya, mora wa Ahikama.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos