Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Monna wa hae a mo sala morao, a ntse a lla, ho ya fihla Bahurime; Abnere a mpa a re ho yena: Kgutla, o boye. Mme a kgutla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Paletiele a tsamaya a ntse a lla, a setse mosadi wa hae morao, a ba a ya fihla Bahurime. Abinere a re ho yena: “Kgutlela hae!” Yaba Paletiele o a kgutla.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:16
9 Referencias Cruzadas  

Davida ha a fihla Bahurime, a bona ho etswa teng monna wa lesika la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora Gera; a tla a ntse a rohakana.


Empa mohlankana e mong a ba bona, a tsebisa Absalome. Leha ho le jwalo, ba tsamaya ba babedi, ba potlaka, ba fihla Bahurime ha monna e mong, ya nang le sediba se sekoti lebaleng la hae, ba theohela teng.


Shimei, mora Gera, Mobenjamine wa Bahurime, a phakisa a ya le batho ba Juda ho kgahlanyetsa morena Davida.


O ne a na le sekete se seng sa banna ba Benjamine, hammoho le Tsiba, mohlanka wa ntlo ya Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Ba tla ba tshela Jordane, pontsheng ho morena.


le Abi-Albone wa Araba, le Asmavethe wa Barkume;


Yaba Ishe-Boshethe o romela ho lata Mikale ho monna wa hae Palthiele, mora Laishe.


Hape, o na le Shimei, mora Gera, Mobenjamine wa Bahurime; ke yena ya kileng a nthohaka ka hlapa e bohloko, mohla ke yang Mahanaime. Empa eitse ha ke kgutla, a theoha ho nkgahlanyetsa Jordane; teng, ka mo hlapanyetsa ka Jehova, ka re: Nke ke ka o bolaya ka lerumo.


Yaba Ishmaele, mora Nethania, o tswa Mitspe ho ya ba kgahlanyetsa, a ya a ntse a lla; yare ha a teana le bona, a ba bolella, a re: Tloong ho Gedalia, mora Akikame.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos