Eitse ha dibini di qala ho bina, Morena a etsa hore Baamone, le Bamoabe, le ba tswang thabeng ya Seire, ba neng ba futuhetse naha ya Juda, ba lallwe, mme ba hlolwe.
Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle!
Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka. Modimo wa ka ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona; Morena ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le ntwanelang, ke seqhobo sa ka.
“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”
A ne a bua ka mantswe a phahameng, a re: “Konyana e hlabilweng e lokela ho amohela borena, le borui, le bohlale, le matla, le hlompho, le tlotla, le thoriso.”