Ba re ba sa qala ho etsa dipina le dithoko, Jehova a bea balalli ba ho lwantsha bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire ba futuhetseng Bajuda; mme ba hlolwa.
Balevi, Joshua, Kadmiele, Bani, Hashabnia, Sherebia, Hodia, Shebania, le Pethahia, ba re: Emang, le boke Jehova, Modimo wa lona, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokwe lebitso la hao le kganyang, mme le phahamiswe ho feta dipoko tsohle le dithoko tsohle!
Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla; hobane o hlodile dintho kaofela, mme ke ka ho rata ha hao di leng teng, di bileng di bopilwe.
A ne a re ka lentswe le phahamileng: Konyana e neng e hlajwe e loketse ho nka borena, le monono, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le teboho.