Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 20:2 - BIBELE

2 Jwale banna bohle ba Iseraele ba fetohela Davida, mme ba latela Sheba, mora wa Bikiri, empa banna ba morabe wa Juda bona ba kgomarela kgosi Davida, ho tloha Jorodane, ho ya fihla Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba tloha ho Davida, ba latela Sheba, mora Bikri; banna ba Juda ba mpa ba kgomarela morena wa bona, ba tloha le yena Jordane, ba mo isa Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:2
12 Referencias Cruzadas  

Yaba kgosi e a kgutla, e fihla Jorodane. Ba morabe wa Juda ba ya Gilegale, ho ya kgahlanyetsa kgosi le ho e tshedisa Jorodane.


Gilegale ho ne ho ena le monna ya kgopo, ya neng a bitswa Sheba. E ne e le mora wa Bikiri wa Mobenjamine. Sheba a letsa lenaka, a re: “Ha re amane ka letho le Davida, mora wa Jese hase letho ho rona. Baiseraele, motho le motho lapeng la hae!”


Ha ho jwalo. Monna ya tswang naheng e maralla ya Efraime, ya bitswang Sheba, mora wa Bikiri, o fetohetse kgosi, yena kgosi Davida. Neelana ka yena feela, mme ke tla tloha motseng ona.” Mosadi eo a re ho Joabe: “Ke tla o akgella hlooho ya monna eo le hodima lerako.”


Ha Davida a fihla ha hae Jerusalema, a nka basadi ba hae ba mafielo ba leshome, bao a neng a ba siile hae hore ba hlokomele lelapa la kgosi, a ba kwalla ka tlung, a ba beela molebedi. Davida a ba fepa, empa a se ke a kopanela dikobo le bona. Ba dula ba kwaletswe jwalo, ho fihlela ba eshwa, eka ke bahlolohadi.


Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela.


Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda.


Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.


Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.


Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos